Borashea
- Posted in the Lesotho Forum
Comments
|
“Mashai ke koko”
Joined: Oct 18, 2007
Comments: 172
Malumeng Ha 'Mankhala
ISP Location:
Maseru, Lesotho
|
mamelang banna bana ba Mpokho maforumo a khabane
1.Lesholu la ipopa Borashea ke ntho e thata-thata ho feta morema-phofu ngoanaka, hantle ha bo ea etsetsoa bana, Pitla ha re qhobe Maqai mona re a lebise thabeng. 2.Ngoana Matala Borashea ke nthoa ntho tse ommeng pelo tsena ngoana'ka... e seng metamo!Khakhatha ntho tsa bosiu. Ha se nthoa bana ba omositsoeng lisu. O bue le ntho tse thata, ntho tsa ho fahloa ke mesi ea licheche, mefifi le mafura' bo-masumu. Athe ka bokaota, pelo li thatafalitsoe ke likhanyapa. Bashemane ba nyekoa ke khanyapa kameso, e ba phete pele ba kena pineng. Likhoiphiri tsa batho! 3.Pitla Borashea bo manate ba Mafeteng banna ooe!!! Ache nkapa ka ikela haeso TH soka! 4.Tlohellang ho pota lona lisatane borashea ke ntho e thata bashanyana ting ba mapantsola |
|
“Mashai ke koko”
Joined: Oct 18, 2007
Comments: 172
Malumeng Ha 'Mankhala
ISP Location:
Maseru, Lesotho
|
ke lebetse oa ho qetela, ke
4.Lonto le li-push-in |
|
“Le lapa le jele”
Joined: Jul 17, 2007
Comments: 685
Nokeng ea Sepiriti
ISP Location:
Bellville, South Africa
|
Ea kena roikate ea nokeng ea Sepiriti bashemane ba ipata ka mohlong hoba hao oka mpona u lahleheloa ke menahano, ke botsikoane robeng tsa batho, ke lekhopho la ho tsoa botoneng ho banna kakapa halisa matha lia thakasa, metsi mapholi a nokeng ea Sepiriti kentse ke inoella, Ichu!!
Letsa phala bo-ntate ba thaba!!!!!!!!! |
|
“Ralimakatso oa Ha Leqheka”
Joined: Aug 2, 2007
Comments: 1074
Terateng Nokeng ea Monts'oane
ISP Location:
Reston, VA
|
Moshana,
Ke hopola Mofu Ntate Thabo Lesholu monna oa ka Matelile.(Moea oa hae u phomole ka khotso Lekaota leo). Ke ntho e thata-thata ntho e hlotseng lithipa lihamore le lichese lifapna le lipeke boy! Ha kea tla ho tla qala borashea mona ke fihla ke le lona. Ke ho hotseng ka thata ke le moshana oa Leqhola-Nts'o ho kobo e thokoa, ee ke bolela ho serope se tiile se tlotsuoeng ka ts'otso ke le hare hare lilomong tsa Thabana-morena! KIe ho ileng hoa koalloa ke lehloa meraka nako ea khoeli ke phela ka honoa le ho iphuthumatsa ka moroto o chesa! Ke theohile ka rashea le banna ka khotsong, ke hopola bafu banna moea oa ka oa sithabela ngoana-tooe u mpatlang bona ke tla noa mali a hau u tso phela! Sik! |
|
“Bots`o Ba Likhomo”
Joined: Nov 8, 2007
Comments: 186
TH
ISP Location:
Roodepoort, South Africa
|
Ke ntse ke bua le Mahipi ana ke ba joetsa hore ba seke ba nka Borashea hanyane,Borashea bo thata hara malaeta, bo ka o roabatsa matsabeng. |
|
“Le lapa le jele”
Joined: Jul 17, 2007
Comments: 685
Nokeng ea Sepiriti
ISP Location:
Bellville, South Africa
|
Oa mpitsa ha monate oa nkhopotsa mohla tsatsi lela nkhono 'Mapinare tsetse sa bosiu aneng a nfa lithupa ke leba borasheeng a fihla a nkhitla ka lere bosiu hoja ke khakhathisa mahanana a nfa thupa lile peli e nts'o le e khubelu. Are kala bohlanno la tebelo ke fihle ke laete thupa e nts'o batho ba tebelo ba khaleee kaofela joale ke late mofu kobo e motatetseng ke rutle khoele ke e chese, ketla khutla. Letsa phala!!!!!! |
|
“Le lapa le jele”
Joined: Jul 17, 2007
Comments: 685
Nokeng ea Sepiriti
ISP Location:
Bellville, South Africa
|
Oa nkhopotsa banna ba pele ene sale bo Nkekoane khakhathane ea Mabilikoe, ke hopotse banna ba Ts'ita's Nek Pokoane ea makopela ke Seutloali, banna bo Ramatlapa Ralets'olo motho eo ereng haea matlapeng a siee borikhoe a bonts'e batho meleko,bo kakapa e thata ngoana Maqelepo motho a hanneng ha lefa la ntatae la likhomo le lipere le tsekoa are eena o rata lefa la basali lereng ha motho a leja a leje a robotse betheng. Letsa phala!!!! |
|
“Mashai ke koko”
Joined: Oct 18, 2007
Comments: 172
Malumeng Ha 'Mankhala
ISP Location:
Maseru, Lesotho
|
"nka o cheka ka leleme Seabata ka kepi nka o lemetsa, ntate koete Lesaoana lokolla marashea a loane, ntoa eka rehloloa joang reloana rona banna ba matsekha, khomo li fula li sa tsoa motseng ha bo banna ba matsekha ntjeng banna."
ha se tsaka taba tsena ke tsa Katinka ke itse maforumo le mamele banna bana, taba tsa bona li thata-thata! Motsekapapa ska ipata taba tsena ke tsa heno! |
|
“Ralimakatso oa Ha Leqheka”
Joined: Aug 2, 2007
Comments: 1074
Terateng Nokeng ea Monts'oane
ISP Location:
Reston, VA
|
E hokae poli ee e bitsoang Lerashea? Ha u tella morena Lesholu u tsebe u so ntso khehlemanyan lits'iu tsa hau majoeng! Borashea ha se nthoa bana ba kang oena tjena!
|
|
“Mashai ke koko”
Joined: Oct 18, 2007
Comments: 172
Malumeng Ha 'Mankhala
ISP Location:
Maseru, Lesotho
|
moshan'a heso borashea bo maling ho 'Na; ha ke le lipoling Mashai re ne re mo khoaela eena ale likhomong; haeba u re ke leshano u botse kata-kata e nko li mahaha, moholoane uaka hantle buti Spatakile, u ntsa rashea Khutsong koana le hona joale! |
|
“Mashai ke koko”
Joined: Oct 18, 2007
Comments: 172
Malumeng Ha 'Mankhala
ISP Location:
Maseru, Lesotho
|
ke itse le mamele banna bana maforumo a matle, ba nkhopotsa likoakoariri tsa khale bo: Mashai oa koko monna oa Ha Pitso, lekaota le phetse la shoele khubung ea ntoa, hona koisheneng le monyama Khutsong, le ha joale Mbeki u sitoa ho le busa;Lazaru monna oa ha Maama, ntja e shoele entse le mokoto; morena Malimabe kholumolumo ea mats'a a maholo a Kolo, khanyapa ha e falla metse e fetoha masupi; bo-ntate Ralinyao morena Mabaso, ke ts'oaroa ke mala ke hopola topo tsa hae tse nyeunyang tsetse |
|
Bashemane lemong ke hlobotse letairi ke apere koefa kobo ea ntoa, ke lahlile mabanta ke fasitse lekhonya mpeng. Ha ke bua kea khobola rathana li feha mats'oafo.
Banna tsoelang kantle fela le hlokomele tlali ea ratha. Makoala le honyelle makokong le basali, hoba joale a ritsitse maliba! Ksoaaa! |
|
|
“Ha kena leqeba la mosali ”
Joined: Sep 15, 2007
Comments: 1204
Ha Maama
ISP Location:
Maseru, Lesotho
|
Kea bona lirota li itsositse banna. Bashanyana bana ba maqai ba ntse ba potela kamora matlo ba icheba ba iqamaka ba ithetsa ba re e se e le banna. Ba lula licaraveneng, ke bolela Maseru melekong moo, ba noa mathe a likhupi,'na seqhantsu nkebe ka senoa, ke bolela bona joala bo tlhotluoeng ka phenthi.
Bona mona uena Lerashea, ke bona eka u lerashea 'motoana, ke bona eka u e mong oa marashea a mona ao Matsie a neng a bua ka ona, ke bolela marasheana ana a ma CID. 'Na ke lula le banna haeso koting sa Manonyane, ba lula thoteng tsa Beisa ba ntse ba beola batho mashoata teng. E seng lona bashanyana ba seleng ba ntseng ba k'hothotsa le ho bolaea batho ebe le ipitsa marashea. Bonyane 'na u ile oa ithusa oa ntsa leroleng la likatse. |
|
“Le lapa le jele”
Joined: Jul 17, 2007
Comments: 685
Nokeng ea Sepiriti
ISP Location:
Bellville, South Africa
|
Hae-hae moshanyatsana butle ka lerata tabeng tsabo ntatao, ksoo!!! |
|
Hela Lenonyane, monna enoa mona o bua ka banna ba tsoa tiisa phuu ea bona mekoallong ea ngoahola moshemane.
Ha o ntse o beola maqai, rona 'meronara ea khale re khaola banna litlopo. Ke ile ka theohela kaota bo tebileng 'na Matala, ka leotsa hale ba tau ka ho bapala bashemaneng. Ka phakisa ka nyoloha noka, ke phetlile metsi ka sefuba. Matala ka hlapa phororong e mathang, haeso motsong 'Maletsunyane mekhahlelo ea metsi e ntula phuoana. Ka kha ka sekaja Matala ke lepella le maliba a matala, ke cho tsona bo-Ts'a-Kolo, Luma le Ts'a Litlama kanyapa ea 'nyeka. Kea ts'abeha matala pelo ke e tsokolitse hlaka lea hoasa. 'Na Matala ke hotse ke tloeba hlaha ka hara metsi, Ke omisa pelo holima morema-phofu 'joe le thata! |
|
hee makaota le kotsi, Lerashea o shebe le se qosoe ka treason |
|
|
“ntja e ea u luma”
Joined: Sep 12, 2007
Comments: 101
khalong la Boleka le Mathebe
ISP Location:
Maseru, Lesotho
|
bo-shotti Maqelepo motho oaka Sehlabeng, ntho eeo ke e nyatsang ho eena ke tsoafa bokhuts'oanyane, shottie mpontolo |
|
“Le lapa le jele”
Joined: Jul 17, 2007
Comments: 685
Nokeng ea Sepiriti
ISP Location:
Bellville, South Africa
|
Haesale le kakatetse le tsoere ka thata le hula boimeng empa 'nete eona hale batle hoe buoa, ke khale ba limatha lithota tsela bantse ba batla Lonto le li-push-in laka nokeng, ke bona bantse ba cheka lithlare tlasa meriti ea lifate bare ekaba bohloko bona botla fela ke mahloko a nooa nna hake fele, baleeang tsokotsane sa mefuta seatla, mpotolo etlang ka lerole bathong.
Letsa phala!!!!!!!!! |
Lona bo Lerashea ke bone ha le roka marena lea khetha, le roka ba boi le siea ba chiki!! Leha hole joalo ho lokile! Kaba ka hopola likoele-koele Bo Teboho-Maphoshane, Bo Potsotso oa ha Lekhari, Mmameno morena Mohlomi.. Bo Mofu Tahleo, mokholutsoane oa masaka lumela, ntate Ralifereko Nkuebe!! |
|
|
“Le lapa le jele”
Joined: Jul 17, 2007
Comments: 685
Nokeng ea Sepiriti
ISP Location:
Bellville, South Africa
|
Ke khutla joalo ka leleme la lempetje le kola likhupi holima lithota, ke capital city ea lefats'e la boiketlo ho likarete nkabe kele Jeke ere ebetsoe karete likhutlele morao, ke tjaka, ke kholeli, ke maqhubu a seea nokeng ka liforo, ke lehakoe la noka, ke taemane ea sebatloa mahoatateng hampe taemane e fumaneha ka lihlabeng.
Lesholu ke batla khata-bei fate saka Botswana fate se solang baeti, u tsohe ka meso olo ntsomela khoko-majoe u ents'e sebete le mala u kobetse tsuka la mosi ona o tlale le maralla joale noha li balee, hau fumana masetla-oke tseleng oa fenethe oa tsie koano, fela hantle ke batla u tsamaee o ee nokeng mo noka likopanang ke batla mokulu-bete, thala-boliba e phelang ka bolele metsing. Kea tla Letsa phala!!!!!!!!! |
Please note by clicking on "Post Comment" you acknowledge that you have read the Terms of Service and the comment you are posting is in compliance with such terms. Be polite. Inappropriate posts may be removed by the moderator. Send us your feedback.
| Topic | Updated | Last By | Comments |
|---|---|---|---|
| Baby Boo!!! | 1 hr | spony | 120 |
| Do you know about Orhodox church and faith ; | 4 hr | nikos1 | 3 |
| Whatz up with pcfm's Themba Nyathi (from Oct '07) | 4 hr | ngopelea u oela | 20 |
| LCD is splitting............. (from Sep '07) | 6 hr | MoAfrika FM | 15 |
| Welcome the new leader of LCD-Mahalter wa Mokola (from Sep '07) | 6 hr | MoAfrika FM | 20 |
| Maope o re ma LCD a ntse a mo nanarela hore a k... (from Sep '07) | 6 hr | MoAfrika FM | 19 |
| best couples in town (from Sep '07) | 6 hr | MoAfrika FM | 38 |
