|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
Motsoalle emong oaka o kile a re eena ha a lumele ho ntho e sa mo sebeletseng. A hlalosa a re ntatae moholo o ne a khohlahetse haholo ebile a retla. kahoo, ha ho ka moo a ka mothusang ka teng kapa a mmitsa badimo. ho tloha moo, o shoele a le mofutsana a sa sia letho. ka lebaka leo, ha ho ka tsela eo a ka hlabeloang (pha-balimo kapa ba-fatse).
le e bona joang taba ee???
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
Judged:
1
1
After how long does a dead person qualify to be called BADIMO? A year? 10 years? or immidiately? Who qualifies to be BADIMO when they are dead? criminals, good people, children under one year or older? or older people only?
|
|
moisture
South Africa
|
MR NTATE ABUTI wrote: Motsoalle emong oaka o kile a re eena ha a lumele ho ntho e sa mo sebeletseng. A hlalosa a re ntatae moholo o ne a khohlahetse haholo ebile a retla. kahoo, ha ho ka moo a ka mothusang ka teng kapa a mmitsa badimo. ho tloha moo, o shoele a le mofutsana a sa sia letho. ka lebaka leo, ha ho ka tsela eo a ka hlabeloang (pha-balimo kapa ba-fatse). le e bona joang taba ee??? Hela ngwana monna, tumelo eka o pholosa, eka o bolaya etsa seo pelo ya hao ese dumelang.
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
Rangoane u ne a rata ho hlaba selemo le selemo (pha-balimo) empa o tlohetse hobane joale o felloetsoe ke likhomo le linku. O hlophehile hofeta pele. thusang bo bana beso!!!! Ha a sebetse!! now he blames BADIMO for his misfortunes!
|
|
“Likenkeng Marapo”
Since: May 09
Somewhere in the world
|
Please wait...
MR NTATE ABUTI wrote: Motsoalle emong oaka o kile a re eena ha a lumele ho ntho e sa mo sebeletseng. A hlalosa a re ntatae moholo o ne a khohlahetse haholo ebile a retla. kahoo, ha ho ka moo a ka mothusang ka teng kapa a mmitsa badimo. ho tloha moo, o shoele a le mofutsana a sa sia letho. ka lebaka leo, ha ho ka tsela eo a ka hlabeloang (pha-balimo kapa ba-fatse). le e bona joang taba ee??? depending on who you are; hahona balimo. The Holy Scriptures mention only one God. and you should know better.
|
|
“sthibaliciously sexy”
Since: Nov 07
Location hidden
|
Please wait...
Ha le lakatsa nama le tla utloa le ntse le re balimo kae-kae...Butleeeeng.
Motho ha a shoele, o shoele ke phetho, ha a sa na influence ea letho ho ba ntseng ba phela. Ha u lakatsa nama, hlaba feela u je, u se k'a re tena mona ua re balimo ba re nyoefe-nyoefe.
|
|
“Spread the love”
Since: Jul 10
Pietermaritzburg, South Africa
|
Please wait...
Nna ka tjhebo ya ka ya mahlo, batho ha ba hlokahetse ha ho a fela ka bona, ho na le moo meya ya bafu e yang teng, moo re ka nnang ra ba le kopano le meya ya bona ha re rata. Akere Saule morena wa Baiseraele o ne a ye mosading wa moloi kapa fortune teller a re eo a mo kopanye le mofu Samuele, ya feela ya etsahala. Rona mona Afrika e Borwa re sebedisa dingaka le mathuela le baporofeta ho ikopanya le ba seng ba ile.
Empa nna ha ke dumele hore ke 'badimo - gods' le hore ba ka nketsetsa letho.
|
|
“stare with UNDRESS ME eyes”
Since: Apr 09
ur breath on my body
|
Please wait...
MR NTATE ABUTI wrote: Rangoane u ne a rata ho hlaba selemo le selemo (pha-balimo) empa o tlohetse hobane joale o felloetsoe ke likhomo le linku. O hlophehile hofeta pele. thusang bo bana beso!!!! Ha a sebetse!! now he blames BADIMO for his misfortunes! Nna ntho eo ke sa e utloisiseng ke hore na batho bana ba hlabelang balimo, haeka eare ha a qeta ho pheha lijo eaba batho bao ba shoeleng ba fihla ba li ja a ba shebile hobane ke tsa bona, o tla etsa joang. if you sit down and join them tafoleng,, then it means ha ho na phoso ka ho ba hlabela, but if ha ba hlaha ebe le oena o a baleha because o tseba ba shoele then it means you can't get anything from them, not even good luck.
|
|
|
|
Since: Jun 10
South Africa
|
Please wait...
Balimo ba teng ebile ba re tshireletsa baloying. Jwalo fela ka Jeso Kreste (Badimo ba Jews). Ke k hoo hape re nang le Baprofeta, Mathuela le Ngaka tsa Methokgo.
Ha o sheba ka lehlakoreng le leng; ha mofu wa lona le sa mosebeletsa hantle ba bang ba leloko ba mo lora are o hatsetse (Le ha e ne ele mofutsana a phelang ka itjhu-itjhu), kamora hore ba mo etsetse mpha-balimo mofu wa robala. Le hape ha o ka fumana accident wa etsa yona mpha-badimo taba tsa hao dia loka. Ha fela ontse mosebetsi hantle (o kopane le bontate-moholo ba leloko), empa ha o o entse se western ditaba di keke tsa o lokela. Hopolang Moshoeshoe one a rata badimo ba hae. fela it's up to oyu hore na Modimo a le sebeletsang ke ofeng. Nna ke ile ka bolellwa hore badimo baka ke batswadi baka ha ba se be tshetse mose wane....
|
|
“Likenkeng Marapo”
Since: May 09
Somewhere in the world
|
Please wait...
kome wrote: Balimo ba teng ebile ba re tshireletsa baloying. Jwalo fela ka Jeso Kreste (Badimo ba Jews). Ke k hoo hape re nang le Baprofeta, Mathuela le Ngaka tsa Methokgo. Ha o sheba ka lehlakoreng le leng; ha mofu wa lona le sa mosebeletsa hantle ba bang ba leloko ba mo lora are o hatsetse (Le ha e ne ele mofutsana a phelang ka itjhu-itjhu), kamora hore ba mo etsetse mpha-balimo mofu wa robala. Le hape ha o ka fumana accident wa etsa yona mpha-badimo taba tsa hao dia loka. Ha fela ontse mosebetsi hantle (o kopane le bontate-moholo ba leloko), empa ha o o entse se western ditaba di keke tsa o lokela. Hopolang Moshoeshoe one a rata badimo ba hae. fela it's up to oyu hore na Modimo a le sebeletsang ke ofeng. Nna ke ile ka bolellwa hore badimo baka ke batswadi baka ha ba se be tshetse mose wane.... ke e kakang taba?! jooo ....!
|
|
maloso
Midrand, South Africa
|
Tjhe Kome hoa makatsa hore ha motho a shwele a sa hatsele ba molorang ba tla dumela hore o hloka ho hong.Ha baholo ba hao ba hlolehile ho o etsetsa ntho tse tse itseng ba sa phela ke eng e o nahanisang hore jwale ha ba se ba osile ba kgona ho eatsa mehlolo,ke ntse ke nahana hore o hlalifile,empa ha ka hla bua hore o dutse le bona tafole ba ja nama tje re ka nna ra nahana hore setatamente sa hao se nale bo nnete.Jwale ngwana monna tsamaya o bale buka a Exoda o tlohele ho sitelwa Modimo.Hobane ha ne ba le teng badimo,mosadi wa hao a kabe a sa jewa ke makweristo,pholoswa moshana Jeso o re shwetse kaofela le bona badimo bao
|
|
“Spread the love”
Since: Jul 10
Pretoria, South Africa
|
Please wait...
Bonnete ba taba ke hore re na le tumelo tse fapaneng. E bile nnete ke hore ho na le batho ba dumelang badimong.
Mohlomong ba bang ho ya ka bodumedi ba rona re ka nyedisa le ho nyatsa batho ba dumelang badimong, empa hoo ha ho fetole maemo a hore le kajeno lena tjhaba sa ha Rantsho se sa dumela badimong haholo e seng hanyane.
Nna ntate o ne a dumela ebile a kgolwa hona badimong, a phethisa meetlo le mph'a-badimo di etswa kgafetsa. Nna ke ikgethetse tsela e fapaneng ho ya ka moo ke bonang ho ntokela.
Beke tse sa tswa feta, ba bohading ba ngwaneso ba ne ba tshollotse madi ba etsa pehi ya ngwana wa hae wa moshanyana badimong ba bona. Ngwaneso a ke ke a re o dumela badimong ha a ka botswa, empa o amohetse le ho akaretsa morero oo wa moshanyana ebile a utlwisisa hantle hore se etswang ke eng.
Bothata boo ke bo bonang ke ha re le oto le leng ka tumelong ya sekreste ka le leng re kene fu tumelong ya setho. Motho a ka se sebeletse marena a mabedi ka nako e le nngwe.
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
Likenkeng wrote: <quoted text> depending on who you are; hahona balimo. The Holy Scriptures mention only one God. and you should know better. I fully understand my believe, ausinyana. what i do not understand is people who follow idiols kapa melingoana ea matsoapa!!!
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
kome wrote: Balimo ba teng ebile ba re tshireletsa baloying. Jwalo fela ka Jeso Kreste (Badimo ba Jews). Ke k hoo hape re nang le Baprofeta, Mathuela le Ngaka tsa Methokgo. Ha o sheba ka lehlakoreng le leng; ha mofu wa lona le sa mosebeletsa hantle ba bang ba leloko ba mo lora are o hatsetse (Le ha e ne ele mofutsana a phelang ka itjhu-itjhu), kamora hore ba mo etsetse mpha-balimo mofu wa robala. Le hape ha o ka fumana accident wa etsa yona mpha-badimo taba tsa hao dia loka. Ha fela ontse mosebetsi hantle (o kopane le bontate-moholo ba leloko), empa ha o o entse se western ditaba di keke tsa o lokela. Hopolang Moshoeshoe one a rata badimo ba hae. fela it's up to oyu hore na Modimo a le sebeletsang ke ofeng. Nna ke ile ka bolellwa hore badimo baka ke batswadi baka ha ba se be tshetse mose wane.... After how long does a dead person qualify to be called BADIMO? A year? 10 years? or immidiately? Who qualifies to be BADIMO when they are dead? criminals, good people, children under one year or older? or older people only?
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
KgaitsediaMolefi wrote: Bonnete ba taba ke hore re na le tumelo tse fapaneng. E bile nnete ke hore ho na le batho ba dumelang badimong. Mohlomong ba bang ho ya ka bodumedi ba rona re ka nyedisa le ho nyatsa batho ba dumelang badimong, empa hoo ha ho fetole maemo a hore le kajeno lena tjhaba sa ha Rantsho se sa dumela badimong haholo e seng hanyane. Nna ntate o ne a dumela ebile a kgolwa hona badimong, a phethisa meetlo le mph'a-badimo di etswa kgafetsa. Nna ke ikgethetse tsela e fapaneng ho ya ka moo ke bonang ho ntokela. Beke tse sa tswa feta, ba bohading ba ngwaneso ba ne ba tshollotse madi ba etsa pehi ya ngwana wa hae wa moshanyana badimong ba bona. Ngwaneso a ke ke a re o dumela badimong ha a ka botswa, empa o amohetse le ho akaretsa morero oo wa moshanyana ebile a utlwisisa hantle hore se etswang ke eng. Bothata boo ke bo bonang ke ha re le oto le leng ka tumelong ya sekreste ka le leng re kene fu tumelong ya setho. Motho a ka se sebeletse marena a mabedi ka nako e le nngwe. Nna bothata boo ke nang le bona ke ba hore eka boholo ba batho ba batsho (ho kenyeletsoa le Basotho) will always follow anything (religion or believe) without testing its validity. hona joale re se re na le bana ba kenyang katiba tse nyane le mese e melele, mme ba re bona ke Ma-muslim.
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
Ha ke re boholo ba batho batsho ba rata ho latela eng kapa eng without verification, o kile wa bona Mo-zione wa lekhooa?
|
|
Motho wa batho
South Africa
|
MR NTATE ABUTI wrote: <quoted text> After how long does a dead person qualify to be called BADIMO? A year? 10 years? or immidiately? Who qualifies to be BADIMO when they are dead? criminals, good people, children under one year or older? or older people only? Hona le phapang ya Badimo le Medingwana, hare rapele badimo empa re rekopana le modimo ka bona, merabe e meng e sebedisa boBuda, boMahomed, jwalo jwalo. Rona ke Badimo. Hake bone phoso ha motho a sebedisa badimo ho bua le modimo wa hae. Empa ke phoso ha o barapela oba etsa medingwana eseng badimo.
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
KgaitsediaMolefi wrote: Bonnete ba taba ke hore re na le tumelo tse fapaneng. E bile nnete ke hore ho na le batho ba dumelang badimong. Mohlomong ba bang ho ya ka bodumedi ba rona re ka nyedisa le ho nyatsa batho ba dumelang badimong, empa hoo ha ho fetole maemo a hore le kajeno lena tjhaba sa ha Rantsho se sa dumela badimong haholo e seng hanyane. Nna ntate o ne a dumela ebile a kgolwa hona badimong, a phethisa meetlo le mph'a-badimo di etswa kgafetsa. Nna ke ikgethetse tsela e fapaneng ho ya ka moo ke bonang ho ntokela. Beke tse sa tswa feta, ba bohading ba ngwaneso ba ne ba tshollotse madi ba etsa pehi ya ngwana wa hae wa moshanyana badimong ba bona. Ngwaneso a ke ke a re o dumela badimong ha a ka botswa, empa o amohetse le ho akaretsa morero oo wa moshanyana ebile a utlwisisa hantle hore se etswang ke eng. Bothata boo ke bo bonang ke ha re le oto le leng ka tumelong ya sekreste ka le leng re kene fu tumelong ya setho. Motho a ka se sebeletse marena a mabedi ka nako e le nngwe. Exodus chapetr 20 from verse one talks about what you are saying!
|
|
“Spread the love”
Since: Jul 10
Pietermaritzburg, South Africa
|
Please wait...
Tumelo ena ke ntho e makatsang ho ba ha re iphe yona empa re e nehilwe ke Jehova Modimo. Yena o re kgethile, a re qhelela ka thoko yaba re amohela pitso eo(John 6:44) Ke ka hona mmina-thoko a reng "Re pholositswe ka mohau".
Thapelo ya rona e tshwanetse hoba ya hore bohle ba amohele mohau hore le bona ba tle ba pholoswe lerabeng la sera.
|
|
“Most handsome man on Earth”
Since: May 10
KATSE DAM
|
Please wait...
kome wrote: Balimo ba teng ebile ba re tshireletsa baloying. Jwalo fela ka Jeso Kreste (Badimo ba Jews). Ke k hoo hape re nang le Baprofeta, Mathuela le Ngaka tsa Methokgo. Ha o sheba ka lehlakoreng le leng; ha mofu wa lona le sa mosebeletsa hantle ba bang ba leloko ba mo lora are o hatsetse (Le ha e ne ele mofutsana a phelang ka itjhu-itjhu), kamora hore ba mo etsetse mpha-balimo mofu wa robala. Le hape ha o ka fumana accident wa etsa yona mpha-badimo taba tsa hao dia loka. Ha fela ontse mosebetsi hantle (o kopane le bontate-moholo ba leloko), empa ha o o entse se western ditaba di keke tsa o lokela. Hopolang Moshoeshoe one a rata badimo ba hae. fela it's up to oyu hore na Modimo a le sebeletsang ke ofeng. Nna ke ile ka bolellwa hore badimo baka ke batswadi baka ha ba se be tshetse mose wane.... Ebang ha ke fose, lentsoe "BADIMO" ke bongata. ho bolelang hore mang le mang a ka ba le badimo ho ya ka wena. jwale, mpolelle hore na ke tla be ke etsa phoso ha nka kgetha BADIMO ba hao ebang baka ba sa sebettse???? In English: will I be making a mistake if I choose your gods if mine are not functional??
|
|
Tell me when this thread is updated:
(Registration is not required)
Add to my Tracker
Send me an email
|